O IKIBA LITSEBE THEPENG EA LEC

’Makhabasheane Masupha – Berea
Lerata Lerata (44) oa Lithabaneng Ha Kepi Berea, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Berea, ka la 02 Hlakola 2026; a qosoa ka ho khaola lithapo tsa motlakase. O theohetse ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa, ‘me o tla boela lekhotleng ka la 19 Hlakola 2026.
Puisanong le Woman Police Constable ( W / P / C ) ‘Mantaoleng Raletsoho ho hlaha Ofising ea Lipatlisiso Berea, o re ka la 27 Pherekhong 2026, ba ile ba fumana tlaleho e reng ho na le monna ea tšoeroeng ke sechaba sa Ha Motjoka, ka mor’a ho mo fumana a ntse a khaola lithapo tsa motlakase.
W/P/C Raletsoho a re ba ile ba leba sebakeng seo ho lata moqosuoa, ’me ba bula nyeoe. O re ba fumane hore eo, o fumanoe le ka thepa ea sebang ka eona.
A re ba ile ba boela ba ea ha moqosuoa, moo ba ileng ba fumane lithapo tse ling tsa motlakase tseo ba ileng ba li nka.
O re ba fumane hore moqosuoa o ntse a itlaleha Lekhotleng la ’Maseterata Berea, ka pelaello ea tlolo ea molao e tšoanang.
W/P/C Raletsoho o eletsa batho ba ntseng ba senya thepa ea motlakase, ho emisa kaha motlakase o le kotsi. A re motlakase o bohlokoa haholo maphelong a batho, ‘me baetsi ba liketso tsena, ba li emise.