LITLALEHO TSA SEPOLESA TSA LA 14/07//2026

QUTHING

Monna (41) Kenneth Mtenje eo eleng letsoalloa la naha ea Malawi le mosali (35) Nomthandazo Daemane oa Cocobe ba hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Quthing ka la 13/07/2026 ba qosoa ka ho leka ho etsa karete ea boitsebiso ka bolotsana. Tlaleho e supa hore Nomthandazo o ile a ea moreneng a kopa hore morena a etsetse khaitseli ea hae lengolo o il’o etsa litokomane tsa boitsebiso. Morena o ile a fela a le etsa eo khaitseli a le sieo. Eaba ka la 08/07/2026 ba qetella ba etsetsoa lengolo la tlhaho joalokaha eka ke Mosotho. Nakong eo ba seng ba etsa karete ea boitsebiso, Kenneth o ile a hloloa ke lipotso kaha a sa tsebe Sesotho ho hang joale nakong eo a botsoang lipotso a sa utloe letho. Ke ha bobeli bona bo tla tšoaroa. Liphuputso tsa sepolesa li fumane hore Kenneth le Nomthandazo ba lula ’moho Afrika Boroa le hore ba bile ba na le bana. Ho fumanoe hore ba file bahlanka chelete e M800.00 hore ba etsetsoe lengolo la tlhaho. Lengolong la morena o ne a bitsoa Musa Kenneth Daemane. Sepolesa se sa emetse taelo ea mochochise e moholo hore morena le bahlanka ba amehang ba tle ba hlahe kapele ho Lekhotla.
Lekhotla ha lea fa Kenneth le kharebe ea hae monyetla oa ho itefella beile. Ba emetse nyeoe ba le litlamong. Ba tla hlaha Lekhotleng hape ka la 27/07/2026.

MAFETENG

Mosali (45) oa Tšalitlama Mafeteng ea sebeletsang hekeng ea setsi sa phano ea libukana tsa ho eta Mafeteng ka ho nka lifoto o matsohong a sepolesa ka ho kena-kenana le foromo eo setsi se neng se e tlatselitse monna e mong hore a ee sub accountancy ho il’o lefa. tlaleho e supa ha a ile a fetola likateng tsa foromo e joalo eaba o e tlatsa tsa monna (29) oa Matsatsaneng ea neng e il’o etsa kopo ea hoba le pasa. Foromo ena e ile ea hlokomeloa nakong eo mokopi a neng a fana ka eona hore a thusoe, ke moo basebeletsi ba ileng ba batla ho tseba hore na e bohlasoa hakana ho etsahetse joang. Tlaleho e boetse e supa ha a ne a tšepisitse hore o tla thusa hore a etsetsoe bukana ea kapelenyana, le hore motho o lefa lipakeng tsa M700.00 le M1, 000.00 ha a batla e potlakileng.

LERIBE

Monna (26) Sevondile Francis Tšeliso Mohlahloe oa Bakaneng Bela-Bela Berea o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Leribe ka la 07/07/2026 a qosoa ka linyeoe tse ’ne tsa bosholu ba lapeng. Tlaleho e supa ha monna enoa a qosoa ka bosholu bo etsahetse ka linako tse fapaneng tikolohong ea Maputsoe; ka Loetse 2025, tse peli tsa Motšeanong 2026 le ea Phuptjane 2026. Lekhotla le mo file beile ea M4,000.00 le tiisetso ea M30,000.00. O hlotsoe ho itefella. O emetse nyeoe a le litlamong. O tla hlaha Lekhotleng hape ka la 21/07/26.

BOTHA-BOTHE

Monna (23) Koba Khabisi oa Malefiloane o tjametsoe ke nyeoe ea polao ea ntatae (74). Moqusuoa o ne a ile a hlaha ka pele ho Lekhotla la Maseterata Botha-Bothe ka la 22/06/2026 a qosoa ka ho khakhatha ntata’e ka sepheo sa ho mo ntša likotsi tse mpe. Tlaleho e supa hore moqusuoa o ile a khakhatha ntatae ka la 13/06/2026 ka le reng o ne a ba sotla ha e ntse ele ngoana, a mo shapa, a sotla ’m’e oa hae ka ho mo khakhatha le ho ba le likamano tsa lerato le basali ba bang. Eka tšoaro ea ntate oa hae ea nako eo ha esale e sa mo lula hantle; mohla a tla mo khakhatha o ne a mo botse ka tsona litaba tseno tsa khale hore na o ntse a hopla hore na o ne a ba etsang, eaba o se ntse a mo khakhatha. Ntate-moholo o ile a felloa ke bophelo ka la 30/06/202026. Moqusuoa o ntse a emetse nyeoe a le litlamong.

BEREA

Sepolesa sa Berea se ntse se batla nyeoe ea moo nkhono (78) oa Ha Malefetsane ho belaeloang a hlekefelitsoe ka motabo le ho bolaoa ka la 11/07/2026. Tlaleho e supa hore nkhono o ne a e-na le nako a qetetsoe ho bonoa. ke moo ho ileng ha ua ha hae moo a lulang a le mong. Eaba ha ho fihloa katlung ha fumanoa a se a feletsoe ke bophelo. thepa e katlung e hlekemantsoe tse ling li hasantsoe fatše. Ho bile ha belaelloa hore o hlekefelitsoe ka motabo kaha ho ile ha bonahala hoo e kang maro a botona seropeng sa hae. Re kopa sechaba ho re thusa ka menyenyetsi e ka lebisang hore moetsi oa ketso e sehloho ena a tšoaroe.