PHATLALATSO EA LITABA EA LA 06/12/2021

MASERU
Sepolesa sa Thibelo le Toantšo ea Bosholu ba Boqhobane le ba Makoloi se ile sa ea Bloemfontein, Afrika Boroa e le ho sala monyenyetsi oa koloi e neng e ile ea utsuoa Lesotho eo pelaelo e neng e le hore e Bloemfontein.

Se fetse sa fumana koloi eo ho mosali ea lilemo li 30, eo tlhaloso ea hae ebileng hore o e fuoe ke mohlankana oa hae oa Lesotho. Ke koloi e tšoeu ea moetso oa Golf 5. E ne e ile ea utsuoa Ha Pita ka La 12 Mphalane 2021. Hona le monna ea lilemo li 34 oa Ha Leqele ea lulang Ha Pita ea seng a le matsohong a sepolesa mabapi le taba ena. Re leboha haholo karolo ea sechaba e ntseng e thusa sepolesa ka menyenyetsi lipatlisisong tsa linyeoe.

Sepolesa sena se boetse ka letšolo la sona sa fumana likoloi tse robeli tseo pelaelo e leng hore ke tsa bosholu, leha ho le joalo beng ba tsona batla lokela ho itlaleha ba tle le mangolo a tsona sepoleseng e le ho tla otlolla litaba.

BEREA
Sepolesa sa Matšolo a Ikhethang se ile sa sala monyenyetsi morao ka La 2 Tšitoe 2021 moo se ileng sa fumana le ho tšoara monna ea lilemo li 29 oa TY Lithabaneng ka sethunya sa moetso oa 7.65mm le likulo tsa sona tse tharo. Pelaelo ke hore o li ruile kathoko ho molao. O tla hlaha lekhotleng ha lipatlisiso li phethetsoe.

MAFETENG
Monna ea lilemo li 23 oa Ha Kubutu, Mafeteng o ile a tšoaroa ke sepolesa ka La 3 Tšitoe 2021 ka pelaello ea polao ea monna ea lilemo li 26 oa Botšoela e neng e etsahale ka Mphalane monongoaha. Sepolesa se boetse sa fumana sethunya sa moetso oa .38 Special se sena likulo seo pelaelo e leng hore se ile sa sebelisoa polaong eo. Kahona monna enoa o tla tobana le qoso ea polao ea motho ka maikemisetso le hoba le sethunya kathoko ho molao. O tla hlaha lekhotleng ha lipatlisiso li phethetsoe.