PHATLALATSO EA LITABA EA SEPOLESA 27/01/2022

PHATLALATSO EA LITABA EA SEPOLESA
27/01/2022
1. PHQ
Banna ba babeli ba hlahile kapele ho lekhotla la maseterata Maseru ka la 24 Pherekhong 2022 ba qosoa ka hoba le lithunya le likulo kathoko ho molao. Bona ke Lekanyane Lefu ea lilemo li 33 oa Tsoili-Tsoili Berea ea lulang Ha Tsolo Sekoting le Thabiso Mosollane ea lilemo li 23 oa Ha Tšosane Koaring. Ba tšoaroe ke sepolesa sa thibelo le toantšoa ea bosholu ba makoloi le ba boqhobane ka la 20 Pherekhong 2022. Ba fumanoe ka lithunya tse peli tsa moetso oa 7.65mm, se seng se ne se na le likulo tse hlano se seng se na le likulo tse 11. Ba ile ba ipolela ba le molato eaba lekhotla le ba fumana ba le molato. Ba ile ba ahloloa sekete sa maluti kapa ho hoehla selemo chankaneng. Halofo ea kahlolo ena e ile ea fanyehoa nako ea selemo. Ba ile ba atleha ho itefella M500 motho ka mong ba nto lokoloha.
Ho sa le joalo Thabiso Mosollane o boetse a hlaha kapele ho lekhotla la maseterata Maseru ka la 24 Pherekhong 2022 a qosoa ka bosholu ba boqhobane. O emetse nyeoe a le litlamong, o tla hlaha lekhotleng hape ka la 27 Pherekhong 2022. Tlaleho e supa hore ka la 20 Pherekhong 2022 banna ba bane ba ile ba fihla khoebong ea letsoalloa la Bangladash e fumanehang Masowe1 ba hlometse ka lithunya. Eaba ba ikhapela ka likhoka chelete e M5,000.00. lipatlisiso tsa sepolesa li ile tsa lebisa ho tšoaroeng hoa Thabiso.
2. BEREA
Banna ba babeli Nking Mphoso ea lilemo li 39 oa Nazareth Ha Matela le Tumelo Phahlang ea lilemo li 25 oa Lithabaneng ba hlahile kapele ho lekhotla la maseterata Berea ka la 19 Pherekhong 2022 ba qosoa ka bosholu ba cable ea boleng ba M418, 000. Bobeli ke balebeli ba setsi sa kh’ampani ea motlakase (LEC) Berea tlasa kh’ampani ea G4S. ba ipoletse ba le molato, eaba lekhotla le ba fumana ba le molato. Ba ahlotsoe lilemo tse robeli chankaneng kapa ho itefella M8,000 motho ka mong. Ba hlolehile ho lefa.
3. THABA-TSEKA
Ntate-moholo ea lilemo li 73 Tsalae Letsie oa Ha Moqekela o tla hlaha kapele ho lekhotla la maseterata Thaba-Tseka ka la Peli Hlakola 2022 moo a tla beng a araba qoso ea ho hlokofatsa moshanyana ea lilemo li ‘Ne. Sena se tla kamora hore ntate-moholo a hlahe kapele ho lekhotla le tšoanang ka la 20 Pherekhong 2022 ka ho shapa ngoana enoa ka sephali sa letlalo la khomo. O ne a mo shapile hampe hoo ngoana a ileng a nkeloa kokelong. Lekhotla le ne le ile la mo fa beile ea lekholo la maluti (M100) eo a neng a ile a e lefa. Tlaleho e supa ha ntatemoholo a ile a fumana ngoana enoa a ntse a kha liperekise ha hae, ke ha a tla mo shapa.
4. MASERU RURAL
Sepolesa sa Mokhalinyane se batlisa ka setotsoana sa lesea la ngoanana se fumanoeng Ha Khotseng sebakeng sa Mokhalinyane ka la 18 Pherekhong 2022. A ka ba likhoeli li hlano ho isa ho robong. O mosoothoana ka lebala. O fumanoe nokeng ea Mohokare. Pelaelo ke hore o nkiloe ke noka. O ne a apere sekipa se sethokoa. Re kopa motho ea ka tsebang ka ngoana enoa ho itlhahisa sepoleseng sa Mokhalinyane. Kapa ho se letsetsa nomorong ea 27023052