POLELO EA SEPOLESA MABAPI LE LITABA TSA LEFOFO TSE NTSENG LI MATHA MARANGRANG

Sepolesa sa Lesotho se hlokometse hore hona le mafosisa a ntseng e matha marangrang moo ho nang le monna oa Mosotho ea hlalosang ha ho nyametse chelete le lithunya sepoleseng sa Mohale’s Hoek.
Sepolesa se tsebisa sechaba hore ha hona ’nete litabeng tsena kaofela le ho tiisa hore ha hona tlaleho ea lithunya kapa chelete e nyametseng sepoleseng sa Mohale’s Hoek.
Sepolesa se boetse se khalemela ka matla monga lipolelo tsena tse reretsoeng ho ferekanya sechaba le ho sisinya metheho ea
tsireletso ea naha ho emisa hang hang.
Sepolesa se tla nka likhato tsa molao ele ho bona hore botsitso, toka le molao li ea hlomphuoa le ho sebetsa ka hara naha.