SEPOLESA SA QOALING LE BACHA BA TENG BA TS’OARANA KA MATSOHO HO LOANTS’A LITLOLO TSA MOLAO

Litaba ka Utloang Lefasa
Bacha ba Qoaling ba ile ba tšoara ʼmoka ka kopanelo le sepolesa sa Qoaling ka La 15 ʼMesa monongoaha, lebaleng la bolo la Qoaling Highlanders ka sepheo sa ho theola sekhahla sa litlolo tsa molao tse phahameng haholo sebakeng seo.
Senior Inspector ʼMatšepang Rankone, mookameli oa sepolesa sa Qoaling o itse bacha ba na le bokhoni ba ho loantša litlolo tsa molao, ’me ’moka oo o tla ba thusa ho elelloa bokhoni ba bona. O ile a re o lakaletsa bacha bokamoso bo chabileng.
Senior Inspector Mojabeng Mokotjomela, ea sebetsang lefapheng la thibelo le toantšo ea tlhekefetso ea basali, banna le bana (CGPU-Child and Gender Protection Unit) ha a fana ka thuto ea litsebo tsa bophelo le tšireletso ea bana o itse bana ke batho ba ka tlase ho lilemo tse 18, ’me bana ha ba lokeloa ho nyalisoa kapa hona ho isoa lebollong.
O itse bana ba lokela ho tseba maneri a bophelo le ho itšepa ho re ba se ke ba qhekanyetsoa ke litlokotsebe.
Ho sa le joalo, W/P/C ʼMamiki Tšooana ea tsoang ofising ea thibelo le toantšo ea khoebisano ka batho le taolo ea melata o ile a fana ka thuto ka khoebisano ka batho, ’me a re boholo ba batho e ba liphofu tsa thekisetsano hoba ba tšepisitsoe mesebetsi linaheng tsa boahelani empa ho se joalo.
A bua ‘mokeng oo, Sub Inspector Kubutu ha fana ka thuto ka lithethefatsi le litaemane o itse, “lithethefatsi ho na le tse lokileng le tse sa lokang.” A re tse lokileng ke tseo motho a li sebelisang ka taelo ea ngaka, ha tse sa lokang e le tseo batho ba li sebelisang ho taoa.
Constable Lehlohonolo Kotelo le Constable Palesa Mohale Thamae ba lefapha la setsi sa tlhabollo ea batšoaruoa ba khalemetse baroetsana ho emisa ho pata tlhaho ea masea. Ba supa hore ke eona tlolo ea molao e atisang ho ba kenya chankaneng. Ba boetse ba khalemelletse bacha, haholo-holo bahlankana taba ea ho ba manomoro.
Hona ’mokeng oo, motšoaruoa oa mehleng e bile e le setho sa mokhatlo oa CRROA (Crime Prevention, Rehabilitation and Reintegration of Ex-offenders Association) Monghali Bokang Makhetha, o boletse hore eena ke lenomoro ʼme seo ha se bolele hore o lokela ho bolaea kapa ho etsa litlolo tsa molao.
O re bonomoro ke lintho tsa chankaneng koana ʼme o khalemella bacha ba so kang ba ea chankaneng ho ipitsa manomoro hoba ha ba tsebe seo hoo ho se bolelang ʼme ba senyetsa manomoro a ʼnete lebitso. O ile a ipiletsa ho bacha hore ba kene sekolo ba khaohane le lintho tse tlo ba senyetsa nako bophelong.
Mocanselara ebile e le moahi oa Qoaling, Mofumahali ʼMatšola Masenkane, o lumela hore ʼmoka oo o tla tlisa phetoho ho bacha ba Qoaling kaha sekhahla sa litlolo tsa molao tse etsoang ke bacha se phahame haholo.
A re tšebelisano ʼmoho lipakeng tsa sechaba le sepolesa e fana ka tšepo hore litlolo tsa molao ka fokotseha.
Mof. Masenkane o ile a kopa hore sepolesa sa Qoaling se eketsoe ka ha se fokola ka lipalo, a boela a kopa hore se fuoe koloi kaha mosebetsi o le mongata Qoaling.
A re sepheo sa keketseho ea sepolesa ke hore se tle se phalle ka potlako le ka bongata moo tlokotsi e etsahetseng.
ʼMokeng ona bacha ba Qoaling ba ile ba fumana monyetla oa ho hlahisa litalenta tsa bona, le ho letsetsoa ʼmino e le mokhoa o mong oa ho itlhabolla.
Mookameli oa sepolesa Maseru Central Senior Superintendent Rantoane Motsoetla o menyelelitse maritsa ka ho supa hore tšepo ea bona ele sepolesa ke hore bohle ba tlileng ba khotše tse molemo. A re o lumela hore sekhahla sa litlolo tsa molao sebakeng sena sa Qoaling li theoha.
Mohlophisi: Thabang Mohloki