PHATLALATSO EA SEPOLESA EA LA 31/12/2021

PHATLALATSO EA SEPOLESA EA LA 31/12/2021
Sepolesa sa Lesotho se etsa phatlalatso ena mabapi le ho khaoha ha selemo sena le ho qala ha selemo se secha sa 2022. Tloaelo ke hore
bosiung bona boo selemo se khaohang ka bona batho ba tla etsa menyakoe le boithabiso ka litsela tse fapakaneng, ba tlala hohle
mapatlelong a metse, litseleng le libakeng tse ling tse kenyellelitseng tsa boithabiso.
Tlhokomeliso ke hore nako ena e fihla naha e ntse e le ntoeng ea toantšo le thibelo ea Covid-19 tse kenyeletsang ho khinoa ha metsamao. Ho tloha ka khitla ho fihlela ka hora ea bone ka meso (0000hrs – 0400hrs) ha ho motho ea lebelletsoeng ho bonoa mapatlelong a metse le litseleng ’me tebello ke hore bohle ba be ba finyeletse malapeng.
Boipiletso ke ho nena tšebeliso e mpe ea tai bacheng, haholo baneng; ho nena tlolo ea molao, ho qoba likhohlano tse ka qetellang ka lipolao tsa batho le liketso tsa boiphetetso.
Ha re ketekeng nako ena ka boikarabello. Re lakaletsa sechaba sohle khotso le mafelo a selemo a senang litlolo tsa molao.