PHATLALATSO EA LITABA EA LA 05/04/2022

PHATLALATSO EA LITABA EA LA 05/04/2022

MASERU
Monna ea lilemo li 38 Lethibelane Pita ea lulang Ha Abia o tšoeroe ke Sepolesa ka La 28 Tlhakubele 2022 ka pelaello ea ho hlekefetsa phoofolo ka motabo.
Tlaleho e supa hore linku li ne li ntse li fula sebakeng sa Ha Abia ha ’melaelloa a tla hulela e ’ngoe lihlahleng moo a ileng a e hlekefetsa ka motabo. Mong’a linku o ile a mo fumana haha a ntse a etsa ketso eo. O tla hlaha lekhotleng ha lipatlisiso li phethetsoe.
Tlhokomeliso ke hore, ho robalana le liphoofolo ke tlolo ea molao. Hona le libakeng tse ling moo re eeng re utloe hore phoofolo e se e tsoetse sebopuoa se litšobotsi tseo e seng tsa phoofolo ’me le leng la mabaka ke boemo bona ba batho ba hlekefetsang liphoofolo ka thobalano.
LERIBE
Mosali ea lilemo li 32 oa Kotope, Matlakeng o tšoeroe ke sepolesa ka La 2 ’Mesa 2022 ka pelaello ea ho pata tlhao ea lesea.
Tlaleho e supa ha e mong oa bahaisane a ile a hlokomela hore ’melaelloa ha e sale moimana, ke moo a ileng tlaleha taba ena. Morena o ile a bitsa mosali eo ho fumana se etsahetseng. Eena o ile a supa ha a epetse setotsoana katlung.
Ba ile ba ea ha hae moo ba fumaneng setotsoana sa lesea la ngoanana le tsetetsoe tlasa moalo oo ’melaelloa a robalang ho ona. Sepolesa se ile sa tlaleheloa ’me sa fumana setotsoana seo se se epolotsoe. O supa ha sesosa e le hore o ne a entse ngoana le molisana oa motseng moo, le hore monna oa hae o ne a sa tsebe.
Ho hlahella hore ngoana o ile a hlaha ka La 25 Tlhakubele 2022. Setotsoana se fumanoe se phuthetsoe ka lelapi, se tšetsoe kahar’a lebokose. ’Melaelloa o amohetsoe sepetlele, o tla hlaha kapele ho lekhotla ha se a lokolotse.
Thaba-Tseka
Ho sa le joalo mosali ea lilemo li 29 ’Mamohau Saba-saba oa Pontšeng, Thaba-Tseka o ile a hlaha kapele ho Lekhotla la Maseterata Thaba-Tseka ka La 29 Tlhakubele 2022 a qosoa ka ho pata tlhao ea lesea.
Lekhotla le mo ahlotse likhoeli tse ’ne chankaneng a sa itefelle. Mosali enoa o ne a ile a lahlela lesea la ngoanana ka ntloaneng kaha a ne a re botsoetse bo tla mo sitisa ho phetha litaba tsa hae tsa ho fehlelloa.
THABA-TSEKA
Sepolesa sa Thaba-Tseka se ile sa tšoara letšolo la ‘ema ke o seche’ moo lithipa tsa Okapi tse Hlano le liphutheloana tsa matekoane li ileng tsa fumanoa li se li lahletsoe ka makoloing ho sena ea reng ke tsa bona.
Sepolesa se boetse sa fumana sethunya sa moetso oa 9mm se neng se hlakotsoe nomoro le likulo tsa sona tse 27. Sona se fumanoe ho monna ea lilemo li 34, Mohale Leema oa Mohlakeng Thoteng ea ileng a hlaha kapele ho Lekhotlala Maseterata Thaba-Tseka ka La 4 ’Mesa 2022. O ile a ahloloa lilemo tse peli chankaneng kapa ho itefella M6,000.00. O ile a itefella a nt’o lokoloha.
Hona seterekeng seo sa Thaba-Tseka, mahokela a Ha Kokoana a ile a tšoara monna ea lilemo li 45 oa Ha Petrose ka pelaello ea hoba le sethunya sa moetso oa .22 se neng se sena likulo kathoko ho molao. Monna enoa o ne a ile a bonoa ka La Boraro ’Mesa 2022 a tšoere sethunya. Ke moo se ileng sa mo tšoara le ho nehelana ka eena Sepoleseng. O ile a hlaha lekhotleng ka La 5 ’Mesa 2022.
Ho sa le joalo monna ea lilemo li 38 Phakiso Mochesane oa Tloutle, Roma o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Maseru ka La 28 Tlhakubele 2022 a qosoa ka ho ba le sethunya sa moetso oa 9mm le likulo tsa sona tse supileng kathoko ho molao.
Lekhotla le mo ahlotse likhoeli tse tšeletseng kapa ho itefella M500. Kahlolo ena e ile ea fanyehoa kaofela nako ea lilemo tse hlano.
Re ipiletsa ho sechaba ho nehelana ka lithunya tse seng molaong. Li tlohe sechabeng kaha joale li sebelisoa hampe ho etsa litlolo tse fapakaneng tsa molao.
BOIPILETSO!!!
Hona le Basotho ba bonahalang ba saooa le ho soasoa ka litaba tsa bohlokoa. Hoo liketso tsena tsa bona li sitisang bosebeletsi ba sepolesa. Ho bile le tlaleho eo ho neng hothoe ngoana ea lilemo li tšeletseng o oetse kantloaneng sekolong sa St Bernadette.
Sepolesa se ile sa phallela moo, hoa batloa le koloi ena e hulang mantle eaba ha hona taba e joalo. Sekolo le sona se bontša ho sena moithuti ea nyametseng.
Ho boetse ha ba le tlaleho e supang ha hona le monna ea ntseng a utloa ka hamore ena e manaka kahara teropo, e bile e supa hore boko ba hae bo ntse bo tsoa, sepolesa se ile sa phallela sebakeng seo sa fumana ho sena taba e joalo.
Ha ba le tlaleho e neng e supa hore hona le ngoanana ea tlileng mohlankaneng Ha Thetsane joale o se a le tlokotsing sepolesa se mpe se lo mo pholosa. Ha sepolesa se fihla moo se fumana ho sena taba e joalo. Nakong ena eo re ntseng re matha le ho lelekisa litlaleho tsa mafosisa, hona le batho ba hlokang e le kannete thuso ea sepolesa eo ba hloloang ha e fumana ka nako kaha joale sepolesa sea be se mathetse mona moo ho se nang letho.
Taba e ’ngoe eo re e hlokometseng re le sepolesa ke ea baqhobi ba hasang litaso ka metsi nakong ena ea lipula; haholo bana ba likolo le batho ba eang mesebetsing. Re ea tseba hore litsela tsa rona ha li boemong ba hore re ka khanna ka lebelo le phahameng nakong ena ea lipula ka ha litsela tsa rona li likoti tse ling ehlile metsi a phalla kahara tsona. Hlokomelang hee Basotho ba habo rona hore ho hasa batho ka metsi ke tlolo ea molao ’me ba tla bonoa le ho tlalehoa ba etsa ketso eo, ba tla nkeloa likhato tsa molao.