MOOKAMELI OA SEPOLESA O RE TSELA TS’OEU

Mookameli oa sepolesa, Monghali Holomo Molibeli o fane ka likobo tsa mots’eare ho liofisiri tse kholo tsa sepolesa sa Lesotho tse eang phomolong, moketjaneng o neng o le Maseru ka Labohlano la 22 ‘Mesa, monongoaha
Har’a liofisiri tseo ho bile teng, SACP Janki Hlaahla, ACP Mofokeng Kolo, ACP Motlatsi Mapola le ACP Hlalele Rampai.
Hona moketjaneng oo, mookameli oa sepolesa o itse sepolesa se sebelitse hantle le liofisiri tseo ka lilemo-lemo. A ba lebohela ha ba fihletse lilemo tsa ho ea phomolong ba ntse ba phela kaha ba bang ba sa fihle ka mabaka a fapaneng. Har’a a mang a qolla lefu, ho ea makhulong a matala, le ho lelekoa mosebetsing. A tsoelapele a re ho ea phomolong ke ho phetla leqephe le lecha bophelong; a re o lumela hore nako ea bona ea phomolo ke ea hore mesebetsi ea malapa e tsoelapele.
Mookameli oa sepolesa a tiisa hore o tseba menyabuketso ea liofisiri tseo ’me a li eletsa ho se khaotse ho fana ka malebela ho sepolesa hobane, ha motho e ile ea e-ba lepolesa, e tla lula e le lona ka ho sa feleng.
A thoholetsa mosebetsi oa ofisi ea taolo ea sephethe-phethe mebileng ka hore e etsa mosebetsi o motle haholo. A re o ile a thonya ACP Kolo taolong ea lefapha leo hobane a ne a tseba maputulo a hae. A re ele bookameli ba sepolesa ba lokela ho shebela lintho pele lilemong tse tlang. Ha a bua ka ACP Rampai, a re o mo tseba e le motho oa boikemelo etsoe a bile a kene sepoleseng hong le eena.
A re SACP Hlaahla ha e ne e le mookameli oa sepolesa sa Butha-Buthe, o ne a ngole ho re kamohelong ea baeti, e be sebakeng sa lits’ebetso tsa sechaba. A thatiselletsa litaba tsa hae ka hore moo ba eang teng sechaba se ba ts’epile hoba litsebo tsa bona le boeletsi bo ka fetola sechaba.
A fera litaba tsa hae ka hore ha esale nako ea ho rua khomo e le ngoe ea lebese. A ba lakaletsa bophelo bo botle ba lilemo-lemo le katleho bophelong bo bocha.
Mohlahlami oa mookameli oa sepolesa, DCP Paseka Mokete puong ea hae o lakalelitse liqhooku tseo tsela-ts’oeu le phomolo e iketlileng. A re mosebetsi oa sepolesa o boima haholo kaha ba sebetsa nakong e mpe ea lefu la Corona. A re ba ithutile tse ngata, tse molemo ho bona ka hona ba se its’abelle ba fane ka boeletsi moo ba bonang sepolesa se hata ka lebatha, ba se se betse ka majoe. A thetha ka hore ba motlotlo hore ba ile ba sebetsa le bona, ba thakelana ka malebela.
Lebitsong la ba eang phomolong, SACP Hlaahla ha a leboha o itse ba thabile ho ea phomolong ’me o bona matsatsi a setseng a lieha ho feela. A re bosebeletsi ba sepolesa ha bo utloisisehe, bo utloisisoa ke ba bo etsang feela. A re baji ba bona ha ba bo utloisise, ba bona bo se na thuso.
A ipiletsa ho mookameli oa sepolesa sa Lesotho ho theha lebota la marang-rang, moo litaba li ka hlahisoang teng ho re bacha ba li bone, ho e-na le hore li hlahe litabeng tsa thelefishene ea Lesotho feela eo bacha ba se nang thahasello ea ho e shebella.
SACP Hlaahla a bonts’a ha seo se tla etsa phetoho le hore ts’ebetso ea sepolesa e bonoe. A bonts’a thabo e kholo ha sepolesa se ntse se atleha ho ts’oara litloli tsa molao liketsong tse soto tse ntseng li etsahala. A bolela hore hoo ke katleho kaha ba etsa lipatlisiso ba sena lisebelisoa.
“Ke hopola Compol ha a ne a re bophelo bo teng kantle. Kannete bo fela bo le teng le ba tlang ba se ts’ohe. Molimo a fe sepolesa sa Lesotho bohlale ba ho rarolla litlolo tsa molao,” ke SACP Hlaahla ha a fera litaba tsa hae.