SEKHAHLA SA LITLOLO TSA MOLAO LIA EKETSEHA

SEKHAHLA SA LITLOLO TSA MOLAO LIA EKETSEHA
Nakong ena ea selemo, sekhahla sa litlolo tsa molao sea eketseha, le botsotsi bo ea phahama.
Batsoali qobang ho roma bana ba le bang mabenkeleng ho tla ithekela liphahlo. Litsotsi li larile li qhekanyetsa bana. Mots’eare oa kajeno ho na le moshanyana ea kabang lilemo li 13 eo tsotsi ea monna e mo qhekanyelitseng ea mo nkela liphahlo.
O kopana le ngoana eaba o se a mo buisa, o qeteletse a re ba siee liphahlo ho nkhono e mong ea rekisang tseleng ba ee tlase koana ba tla tla li lata ha ba khutla. Ba fela ba li siea, ha fihla tlase moo a nyamella ngoana a fihla a nka liphahlo ho nkhono a ikela. Ngoana ha khutlela moo ba siile liphahlo a fumana hore monna eo o ile ka tsona.
O ile a tlalehela sepolesa sa Maseru Central. Ha se fihla ho nkhono o hlalosa hore o ne a nahana hore ke motsoali le mora, ba tena ba siea liphahlo ho qoba ho lahla thoto. Monna eo ha hona motho ea mo tsebileng.
Ha re ruteng bana ba rona ho qoba ho buisana le batho bao ba sa ba tsebeng kahar’a teropo. Le hoba seli ka linako tsohle. Ba seke ba tšepa batho bao ba qalang ho ba bona.