PHATLALATSO EA LITABA EA LA 19/04/2022

MASERU
Monna ea lilemo li 33 oa Motimposo, Soweto o tšoeroe ke sepolesa ka La 14 ’Mesa 2022 ka pelaello ea polao ea batho ba babeli.
Le tla hopola hore ka La 16 ’Mesa 2021, monna ea lilemo li 42 oa Khubetsoana le mosali ea lilemo li 33 oa Butha-Buthe ba ne ba fumanoe ba bolailoe ka ho hlajoa kaholim’a thaba ea Maseru tseleng e lebileng parameteng ea Lesotho. Mosali eo eena o ne a bile a e-na le matšoao a ho hlekefetsoa ka motabo. Ba ne ba nketsoe liphahlo.
Lipatlisiso li ile tsa supa ’melaelloa. Liphahlo tsa mosali enoa li ile tsa fumanoa Maputsoe le Ha Tšiu Maseru basaling ba hlalosoang e le likharebe tsa ’melaelloa. O boetse o fumanoe ka lieta tsa mofu enoa oa monna.
Monna enoa ea bitsoang Moeketsi Mosoeu o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Maseru kajeno; ’moho le e mong Sello Lekhooe ea lilemo li 18 oa Taung Mohale’s Hoek ea lulamg Motimposo. Ba qosoa ka polao ea monna le mosali bana ba boletsoeng.
Ba emetse nyeoe ba le litlamong. Ba tla hlaha lekhotleng hape ka la 25 ’Mesa 2022.
MOHALE’S HOEK
Monna ea lilemo li 44 oa Ha ’Mapotsane eo e leng setho sa Sepolesa sa Lesotho o ile a tšoaroa ke Sepolesa ka La 17 ’Mesa 2022 ka pelaello ea ho bolaea mosali oa hae ea lilemo li 38.
Tlaleho e supa ka La 15 ’Mesa 2022 ’melaelloa, mofu, le metsoalle ea bona eo ba tlohileng Maseru ’moho, ba ile ba ea khoebong e ’ngoe ea thekiso ea mothamahane moo ba ileng ba noa joala hofihlela hoseng hoa letsatsi le hlahlamang ka hora ea botšelela, ha ba ea hae.
Ka La 16 ’Mesa ha hora ea pele e fetile ka metsotso e mashome a mararo, mofu o ile a khutlela khoebong eane ea mothamahane ’me a fihla hae bosiu ka hora ea leshome a tsamaea le monna ea lilemo li 34 oa hona motseng oo. Ke moo taba ena e sa kang ea thabisa ’melaelloa. Ba ile ba qhoelisana ka mantsoe empa metsoalle ena ea bona e kena lipakeng.
Ke moo mesong ka bo hora ea bobeli ba ileng ba utloa molumo oa sethunya makhetlo. Athe ke ha ’melaelloa a thunya mofu. Sepolesa se ile sa phallela sebakeng seo kamora ho fumana tlaleho, mofu o fumanoe ka maqeba a ’maloa a sethunya.
’Melaelloa o ile a nehelana ka sethunya sa moetso oa 9mm se belaelloang se sebelisitsoe polaong ena. Sona se ne se sena likulo. O tla hlaha kapele ho lekhotla kajeno.
THABA-TSEKA
Monna ea lilemo li 26 Mpho Monyollo le nkhono oa hae ea lilemo li 82 ’Matlali Moetsuoa ba Khoali, Thaba-Tseka ba hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Thaba-Tseka ka La 13 ’Mesa 2022 ba qosoa ka chobeliso ea ngoanana ea lilemo li 15.
Lekhotla le ile la ba fumana ba le molato. Mpho o ahlotsoe ho hlola ntloana-tšoana lilemo tse tharo kapa ho itefella M6, 000. O ile a hloleha ho lefa ’me o lletsoe ke litšepe. Nkhono ’Matlali o ile a ahloloa ho hlola ntloana-tšoana lilemo tse peli kapa ho itefella M4, 000. Kahlolo ena ile ea fanyehoa kaofela nako ea selemo.
BUTHA-BUTHE
Mosali ea lilemo 24 ’Mak’heizara Nchee oa Qalo o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Butha-Buthe ka La 13 ’Mesa 2022 a qosoa ka ho tlōla temana ea 28(1)(a) e baloa le (2) ea molao oa Drugs of Abuse Act No.5 oa 2008.
Tlaleho e supa ha mosali enoa a ile a tšoaroa ka La 9 ’Mesa ka pelaelloa ea ho ba le lipilisi tse sebelisoang ho qhala bokhachane kamor’a hore a li bapatse Facebook. Ke moo Sepolesa se ileng sa fumana lipilisi tse 28. Lekhotla le mo ahlotse lilemo tse hlano kapa ho itefella M20, 000. O ile a hloleha ho lefa, o ile ntloana-tšoana.
MOHALE’S HOEK
Monna ea lilemo li 42 oa Ha Bereng Matsoho o tšoeroe ke Sepolesa ka La 15 ‘Mesa 2022 ka pelaello ea hoba le sethunya kathoko ho molao.
Sepolesa se ne se ile sa fumana hore monna enoa o na le sethunya, ke moo se ileng sa ea ha hae ‘me sa fela sa mo fumana ka sethunya sa moetso oa 9mm se neng se na le likulo tse tharo tseo a hlotsoeng ho kholisa Sepolesa hore na o li ruile joang. O tla hlaha lekhotleng ha lipatlisiso li phethetsoe.