LITLALEHO TSA SEPOLESA TSA BEKE 19/06/2026

MAFETENG

A. Mosali ea lilemo li 55 Matšepo Mabusela oa Thaba-Tšoeu Ha Khabo o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Mafeteng ka la 11/06/2026 a qosoa ka hoba le sethunya sa moetso oa .357 magnum le likulo tse supileng ka thoko ho molao. Lekhotla le mo fumane a le molato eaba le mo ahlola lilemo tse ’ne chankaneng kapa ho itefella M12, 000.00 eo a atlehileng ho e lefa. Mosali enoa o ne a ile a tšoaroa ke sepolesa ka la 10/06/2026 a le lapeng ha hae.

BOTHA-BOTHE

A. Moshanyana ea lilemo li 13 oa Botha-Bothe o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Botha-Bothe ka la 11/06/2026 a qosoa ka ho hlekefetsa ka motabo ngoanana ea lilemo li 5. Lekhotla le mo fumane a le molato ’me la mo ahlola ho ea chankaneng ea bana. Ketsahalo ena ke ea la 06/08/2025.
Re le sepolesa sa Lesotho re ipiletsa ho batsoali, baholisi le ho bohle ba haufi le bana joalo ka matichere ho bua le bana khafetsa ka liketso tse ka qetellang li amme kapa hona ho ba senyetsa bokamoso, joalo ka eona ena ea ho ea chankaneng hoa bana moo joale ngoana a iphumanang a arohane le lithuto ka lebaka la liphoso tseo mohlomong li neng li ka nna tsa qobeha.
B. Monna ea lilemo li 45 oa Ha Malofo o matsohong a sepolesa sa Botha Bothe ka pelaello ea ho hlekefetsa ka motabo monna ea lilemo li 49 ea nang le bokooa ba kelello oa motse o tsoanang.
Tlaleho e supa ha ’melaelloa a ile a fihla moo lehlatsipa le lulang ka shoalane ea la 11/06/26 ha nako e ka ba 2000hrs a botsa lehlatsipa hore na mohaisane le lona o kae. Lehlatsipa le neng le se le phomotse le ile la bontša hore ha le tsebe hore na eo o kae. Ke moo ’melaelloa a ileng a bolella lehlatsipa hore o ikutloa a khathetse o batla ho phomola. Eaba o kena likobong tsa lehlatsipa, a qalella ho le hlekefetsa ka motabo bosiu bohle ho fihlela mesong ka bo 0400hrs.
Ha a tsamaea o bile a laea lehlatsipa ho se bolelle mang kapa mang ka ketsahalo eo. Moamani le lehlatsipa o ile a mo etela ka la 13/06/26 ha lehlatsipa le tla mo tlalehela litaba tsena ’me eaba ho tlaleheloa sepolesa. O tla hlaha khotla hang ha lipatlisiso li phethetsoe.

QUTHING

Monna ea lilemo li 49 Mojalefa Letele oa Ha Sikara Lower Moyeni o hlahile ka pele ho Lekhotla la Maseterata Quthing ka la 11/06/2026 a qosoa ka ho hlekefetsa ka motabo banna ba bararo; ba lilemo li 22 ba Phamong Mohale’s Hoek, Ha Kelebone Mphaki le Makhalong Mphaki. Moqusuoa le mahlatsipa ke batšoaruoa chankaneng e Quthing. Tlaleho e supa ha moqusuoa a hlekefelitse banna bana ka matsatsi a fapaneng. E supa ha ba ne ba robala ka phaposing (Cell) e le ’ngoe, ’me e tlare nakong eo ho robetsoeng ho le lefifi o tla ba phopholetsa litono, a li tlotse ka vaseline ebe o ba kenya monoana. Kaofela ha bona ba ile ba khona ho tsoha pele ketso eo e fella. O emetse nyeoe a le litlamong. O tla hlaha Lekhotleng hape ka la 24/06/2026. Mojalefa o kene chankaneng moo ka pelaello ea ho hlekefetsa ngoana ea tlase lilemong ka motabo.

PHQ

Litho tse peli tsa Sepolesa sa Lesotho tsa boemo ba Police Constable li lelekuoe mosebetsing oa tsona oa sepolesa kamor’a ho ameha ha bona litlolong tsa molao. Bona ke:

(1) Mohloki William Lekhanya ea lilemo li 47 oa Matukeng Leribe ea neng a sebetsa motebong oa sepolesa Maputsoe. O kene sepoleseng ka selemo sa 2003.
(2) Salemone Sekonyela ea lilemo li 33 oa Tena-Baphehi Tlokoeng, Mokhotlong ea neng a sebetsa motebong oa sepolesa Leribe (Hlotse). Eena o fihlile sepoleseng ka selemo sa 2016.
Lekhanya o ne a qosoa ka ho hlekefetsa morali oa hae ka motabo ’me ketso eo e mpe haholo; e senya seriti sa sepolesa le ho hlokisa sechaba tšepo ho sepolesa. Lekhotla le bile la mo fumana a le molato ’me o ahlotsoe lilemo tse 20 chankaneng a sa itefelle.
Sekonyela ka Pulungoana 2025 o ile a utloela hore hona le banna ba babeli le mosali ba morerong oa ho reka sekete(mercury) Hlotse moo. O ile a tsamaea le motsoalle oa hae eo e leng moqhubi oa 4+1 ba ea ho batho bao ba fihla ba ba tšoara ba ba kenya koloing eo ea bona.
Ba ile ba ba isa sebakeng seo ba ileng ba ba hlokofatsa ka sethunya le ho ba shapa ka phafa ba batla chelete. Ba ile ba ikhapela chelete ea batho bao e M28, 000.00. Ho hlahella ha ba ile ba supa ha chelete eo e le nyane; ba laela mahlatsipa ho e eketsa. Ba ile ba e eketsa ka ho romella chelete e M10, 000.00 polokelong ea banka ea Sekonyela ’me kakaretso ea chelete eo ba e nkileng ke M38, 000.00.
Le enoa oa mosali ho hlaella ha ba ile ba mo phopholetsa ba mo secha; eleng ketso e sa amoheleheng hohang kaha ka molao monna a ke ke a secha mosali. Sekonyela o ne a ile a fa motsoalle enoa oa hae oa moqhubi combat jacket ea sepolesa hore a e apare a tle a bonahale le eena e le lepolesa; ketso eo ka bo eona e leng tlolo ea molao. Liketso tsena le litlolo tse ling tsa molao ha li etsoa ke setho/litho tsa sepolesa li thunthetsa le hona ho senya seriti sa sepolesa. Ba lelekuoe mosebetsing ho tloha ka 09/06/2026.