PHATLALATSO EA LITABA EA LA 04/05/22

BEREA
Monna ea lilemo li 51 eo e leng letsoalloa la naha ea Zimbabwe, Thukulula Simite ea lulang Vanderbijlpark Afrika Boroa o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Berea ka La 29 ’Mesa 2022 a qosoa ka linyeoe tse peli tsa thekisetsano ka batho le tse peli tsa tlhekefetso ea motabo.
Liqosong tsa thekisetsano ka batho o ahlotsoe lilemo tse 20 qosong ka ’ngoe a sa itefelle, tsona lia hulanngoa. Liqosong tsa tlhekefetso ka motabo o ahlotsoe lilemo tse 10 qosong ka ’ngoe a sa itefelle ’me tsona li tsamaea ’moho; e leng kakaretso ea ho hoehla lilemo tse 50 chankaneng.
Ho ea ka ’matli oa nyeoe ena D/P/C Tšumane Mosito, ka selemo sa 2018 monna enoa one a nke banana ba bane ba Berea ba tlaase lilemong ka le reng o il’o ba fa mosebetsi. Empa ho fihleng hoa bona Afrika Boroa moo a phelang le ho sebetsa teng e le rakhoebo, o ile a ba sebelisa a sa ba lefe; a bile a ba fetotse makhoba a thobalano.
Monna enoa o ne a sebetsa e le moruti Lesotho mona, e leng moo a neng a sheba malapa a hlokang e be o tla kopa hore batsoali ba mo lokollele bana a ilo ba fa mosebetsi. E be o tla be a fa malapa a joalo lijo le litlhoko tse ling.
Har’a lipontšuoa tse nkiloeng ke lekhotla; ke li-fridge, li-microwave, lipitsa, likobo tseo a neng a fane ka tsona ho malapa a liphofu ha a ntse a ba hohella hore ba mo lokollele bana.
MAFETENG
Banna ba babeli Mosa Mokoena ea lilemo li 28 oa Ha Lekhari le Ralibuseng Moshesha ea lilemo li 28 oa Hospital Area, ba hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Mafeteng ka La 2 Motšeanong 2022 ba qosoa ka bosholu ba boqhobane, tlhekefetso ea motabo le hoba le sethunya kathoko ho molao.
Qosong ea pele ba ahlotsoe lilemo tse 10 kapa ho itefella M10,000 eo ba hlolehileng ho e lefa. Qosong ea bobeli lekhotla le ba fumane ba se molato, qosong ea boraro Mosa Mokoena o ahlotsoe lilemo tse peli kapa ho itefella M2,000 eo a ileng a hloleha ho e lefa ha nyeoe khahlanong le Ralibuseng e ntse e tsoelapele.
Ho ea ka ’matli oa nyeoe ena D/P/C Tsanyane, banna bana ba ne ba ile ba nka ka likhoka koloi ea monna e mong oa Mafeteng ka Mphalane 2020 ba koetela mosali oa hae ba sebelisa lithunya. Koloi eo e ne e fumanoe ’me banna bana ba ne ba tsoaroe.
Ho sa le joalo monna ea lilemo li 43 Thato Notsi oa Matholeng, o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Mafeteng ka La 2 Motšeanong 2022 a qosoa ka hoba le sethunya sa moetso oa .45mm le kulo ea sona kathoko ho molao. O ahlotsoe ho hlola ntloana-tšoana lilemo tse peli kapa ho itefella M2,000. ’Matli oa nyeoe ena D/P/C Ralengau, o supa ha monna enoa a ile a tšoaroa ka La Pele Motšeanong kamor’a hore Sepolesa se fuoe monyenyetsi oa hore o na le sethunya. O ile a lefa a nt’o lokoloha.
BUTHA-BUTHE
Basali ba babeli, Libuseng Senatla ea lilemo li 38 oa Naleli Maseru ea lulang Maputsoe Ha Chonapase le Nthabeleng Majoro ea lilemo li 36 oa Ha Toloane Morija ea lulang Maputsoe Korosong ba hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Buthe-Buthe ka La 28 ’Mesa 2022 ba qosoa ka bosholu.
Lekhotla le ile la ba ahlola lilemo tse ’ne kapa ho itefella M8,000 motho ka mong. Ba ile ba hloleha ho lefa, ba fetetse chankaneng. Nyeoeng ena e neng e batloa ke W/P/C Maraisane, basali bana ba ne ba ile ba fumanoa ba utsoitse lipakana tse 31 tsa cheese levenkeleng le leng moo pakana ka ’ngoe e tšelang lilae tse 12.
Thepa ena ba ne ba e khoaphile, eaba molebeli oa hlokomela. Ba supile ha sena e le mosebetsi oa bona oo ba iphelisang ka oona, ’me ba tsamaea literopong tsohle tsa naha.
MASERU
Banna ba babeli ba hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Maseru ka La 27 ’Mesa 2022 ba qosoa ka ho qheketsa matlong le bosholu ba thepa. Bona ke Bataung Sello ea lilemo li 26 oa Sea-Point le Andreas Pofane ea lilemo li 40 oa Morija ea lulang Ha Leqele. Ba ne ba qosoa ka linyeoe tse robong tsa bosholu ba thepa tse etsahetseng Matsoatlareng. Ba ile ba ahloloa lilemo tse 10 kapa ho itefella M10,000 nyeoeng ka ’ngoe. Likahlolo tsena lia hulana. Hona ho tlisa kakaretso ea kahlolo ea bona ho lilemo tse 90 kapa M90,000.
Thepa eo ba neng ba e utsoitse e kenyeletsa li-thelefishine, malahla a likoloi, li-microwave, li-laptop, liphahlo le tse ling. E mong oa masholu ana o fumanoe a apere liphahlo tsa moshanyana oa lelapa le leng, ho tloha hloohong ho ea leotong.
Ba supa ha ba ithutile hore boholo ba batho ba lulang Matsoatlareng b’a sebetsa, ka hona ba e-ba le monyetla o motle oa ho nka thepa motseare. Nyeoe ena ene a batloa ke P/C Lipholo.
Ka La 2 Motšeanong 2022, Sepolesa sa Ha Thetsane se ile sa phutha setopo sa ngoananyana ea hakanyetsoang lilemong tse supileng ea fumanoeng Ha Tsolo, Thaba-Tseka pel’a sekolo sa Likhothatso. O motšoana ka lebala. Pelaelo ke hore o hlekefelitsoe ka motabo eaba o hlobolisoa sekipa sa hae se se fubelu o khangoa ka sona. Pelaelo e ’ngoe ke hore liketso tse malimabe tsena li mo etsahalletse sebakeng se seng eaba o isoa moo a se a siuoa fela.
Sepolesa se kopa malapa ao e kabang a lahlehetsoe ke ngoana, leha e ba lilemo e se tsena tse hakantsoeng kaholimo ho itlaleha Sepoleng sa Ha Thetsane. Nyeoe ena e ntse e batloa ke L/Sgt Abele.