PHATLALATSO EA LITABA EA LA 26/04/2022

BUTHA-BUTHE
Monna ea lilemo li 54 le mosali ea lilemo li 60 ba Butha-Buthe ba hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Butha-Buthe ka La 22 ’Mesa 2022 ba qosoa ka ho hlekefetsa ka motabo moshanyana ea lilemo li 13 le ngoanana ea lilemo li robeli.
Tlaleho e supa ha monna enoa a emeletse bana ka hoba hlekefetsa ka motabo. E re ha ba tlalehela nkhono oa bona e be ha a nke khato ea letho e leng tlōlo ea molao. Ho tseba ka tlōlo ea molao e be motho oa thola ke tlōlo ea molao. Monna o fuoe beile ea M1,500 le tiisetso ea M2,000 ha mosali enoa a fuoe ea M500 tseo bobeli ba hlotsoeng ho li lefa.
Ho utloahala ha bobeli bana le likamano tsa lerato.
MASERU
Monna ea lilemo li 24 oa Matheneng, Mafeteng ea lulang Qoaling o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Maseru ka La 25 ’Mesa 2022 a qosoa ka polao ea setho sa Mautloela (NSS) se ileng sa thunngoa le ho bolaoa ka La 13 ’Mesa 2022, Qoaling.
O emetse nyeoe a le litlamong. Sethunya sa mofu seo a neng a ikhapele sona ha a qeta ho mo bolaea sa moetso oa 9mm se fumanoe ho moqusuoa; ho boetse ho fumanoe likulo tse 55 ho moqusoa. Ba bang bao a neng a ena le bona ba ntse ba iphile limenyane.
O tla hlaha lekhotleng hape ka la Hlano Motseanong 2022.
BEREA
Monna ea lilemo li 34 Sehopotso Khoetsa oa Ha Macheli o hlahile kapele ho lekhotla la maseterata Berea ka la 20 ’Mesa 2022 a qosoa ka hoba le sethunya sa moetso oa 7.65mm le likulo tsa sona tse robong kathoko ho molao. Lekhotla le mo ahlotse ho hlola ntloana-tšoana lilemo tse hlano kapa ho itefella M5,000.00. O ile a hloleha ho itefella. O theohetse ka chankaneng. Monna enoa o ne a ile a fumanoa ka sethunya sena thibelleng e neng e entsoe ke Sepolesa.
Khopotso ho sechaba ke hore Sepolesa se ntse se eme mantsoeng a hore ha motho a khutlisa sethunya ka boithapo a ke ke a qosoa. Ka hona nehelanang ka lithunya tse seng molaong sepoleseng. Le koptjoa ho fana ka menyenyetsi ka batho ba ruileng lithunya hobane qetellong lithunya tsena li sebelisoa ho etsa litlōlo tsa molao le ho metsa sechaba ka sehloho.
Ha re sebetseng ha ’moho ho loantša litlolo tsa molao kahar’a naha ena ea rona.
MAFETENG
Mosali ea lilemo li 21 Makatleho Makiti oa Ha Montoeli o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Mafeteng ka La 25 ’Mesa 2022 a qosoa ka bosholu ba likhoka ba koloi ea Honda Fit eo e bileng e leng e baeti. O emetse nyeoe a le litlamong.
Koloi ena e ne e ile ea nkuoa ka likhoka ho moqhubi oa eona ea neng a supiloe ka lithunya bosiu ba La 22 ’Mesa 2022. Ke moo ka La 23 ’Mesa 2022 ka hora ea leshome le motso o mong bosiu, Sepolesa se ileng sa e fumana Ha Motoeli ha moqusuoa a tla tšoaroa. O tla hlaha lekhotleng hape ka la Robong Motšeanong 2022.