SETOPO SA MONNA MOHALE’S HOEK

Sepolesa sa Mohale’s Hoek se tsebisa sechaba ka setopo sa monna ea ka bang lilemo li lipakeng tsa 25 le 30; ea hlokahetseng bosiung ba la 10 ‘Mesa 2022.
Monna enoa o ne a ile a hlasela banana ba babeli ba sekolo se phahameng sa St Stephen’s ha ba tla hlaba mokhosi ebe monna ea neng a feta ka tsela oa phalla ho ba thusetsa.
Ke ntoeng ena moo mofu a ileng a lahleheloa ke bophelo ‘me o ntse a so tsejoe ho fihlela hajoale. Ke motho e mosootho ka lebala.
O ne a apere ka tsela e latelang:
Sweater e nts’o e nang le kapi, engotsoeng Adidas ka bosoeu sefubeng, a tenne jean e putsoa, mangoeleng ho eona e ngotsoe Whatsapp ka bosehla ebile e le e metjeea e mesehla hona mangoeleng. Maotong one a roetse liteki tse nts’o tsa vans.
Sepolesa se kopa mang kapa mang ea ka tsebang motho enoa ho itlaleha sepoleseng sa mafokisi (CID) Mohale’s Hoek kapa ho se letsetsa nomorong e latelang: 22785202 le 22785707.
Re tla leboha thuso ea Lona.