TSEBISO EA SEPOLESA

TSEBISO EA SEPOLESA

Sepolesa sa Maseru e ka thoko ho teropo (Maseru Rural) ka motebo oa sona oa Ha Semione, se tsebisa sechaba ka masapo a motho a fumanoeng Pocha Ha Semione ka La 6 ‘Mesa 2022. Masapo ke ho tloha ka letheka ho ea maotong.
A ne a apere ka tsela e latelang:
Litopo/likhohlopo tse ntšo tse lefura le lesoeu, likausi tsa bolo tse putsoa tse mela e mesehla; le tse ling tsa bolo tse tšehla tse mela e metšo le tse ling hape tse thokoa. A tenne borikhoe bo botšo ba masisa, a tenne mokoarela o moputsoa. Masapo ana a bonahala ele a khale haholo kaha a ne a se a sena nama ho hang. Motho mang kapa mang ea tsebang motho enoa, o kopuoa ho itlaleha sepoleseng sa Ha Semione kapa ho letsetsa nomoro ena; 283 511 85.
Re tla leboha thuso ea lona.

Leave a Reply