TSEBISO EA SEPOLESA EA LA 04/05/22

Sepolesa sa Ha-Thetsane se tsebisa sechaba ka setopo sa ngoananyana ea hakanyetsoang lilemong tse supileng, se fumanoeng Ha-Tsolo Thaba-Tseka pel’a sekolo sa Likhothatso ka La 2 Motšeanong 2022.
Mofu o motšoana ka lebala. O ne a sena liphahlo ’meleng ntle le sekipa se sefubelu seo a neng a khanngoe ka sona molaleng. Pelaelo ke hore o hlekefelitsoe ka motabo pele a khangoa. Ho boetse ho bonahala e ka liketsahalo tse malimabe tsena li mo etsahalletse sebakeng se seng, a mpa a tlisoa mona moo a fumanoeng a se a nyahlalitsoe feela.
Sepolesa se kopa malapa ao ekabang a lahlehetsoe ke ngoana ho itlaleha Sepoleseng sa Ha Thetsane, le ha e-ba lilemo e se tsena tse boletsoeng kaha hona ke khakanyo feela, kapa ho letsetsa linomoro tse latelang: 22322521/63764342.
Re tla leboha thuso ea lona.