PHATLALATSO EA LITABA EA LA 03/03/2022

PHATLALATSO EA LITABA EA LA 03/03/2022
MASERU
Banna ba bahlano ba hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Maseru ka La Pele Tlhakubele 2022 ba qosoa ka bosholu ba likhomo.
Bona ke: 1. Khotso Pule ea lilemo li 52 oa Hlotse Mankoaneng (eo e leng mookameli oa Square Butchery), 2. Nthau Nthau ea lilemo li 30 oa Ha Nkhunyane Bokong, 3. Leshome Mathe ea lilemo li 34 oa Maputsoe Ha Nyenye, 4. Majoro Nkaka ea lilemo li 26 oa Liotloaneng Ha Malobeng Berea le 5. Hlakane Khoabane ea lilemo li 26 oa Hlotse Ha Tlai-Tlai. Lekhotla le ile la ba fa beile ea M2, 000 le tiisetso ea M10, 000 motho ka mong tseo ba sa kang ba atleha ho li lefa letsatsing leo. Ba tla hlaha lekhotleng hape ka la 15 Tlhakubele 2022.
Tlaleho e supa hore likhomo tse ’ne li ile tsa utsuoa polasing e Ficksburg, Afrika Boroa mesong ea La 24 Hlakola 2022. Likhomo tse peli tsa tsona li ile tsa fumanoa li se li hlabiloe selakheng se bitsoang ‘Square Butchery’ Hlotse. Tse ling tse peli li ile tsa fumanoa Ha Tšosane ha monna ea lilemo li 52 eo ebileng e leng mohlanka. Likhomo tsena le nama eane e ileng ea fumanoa selakheng, li lokolletsoe mong’a tsona. Mohlanka enoa ha a so hlahe kapele ho lekhotla kaha joale ho emetsoe taelo ea Mochochisi e Moholo.
Moqusuoa ea bitsoang Leshome Mathe ke moqhobi oa koloi ea baeti ea 4+1 eo Sepolesa se fumaneng hore seabo sa hae se seholo hore ke ho ba sehloela sa lithibella tsa Sepolesa e le hore a shebe na mapolesa a teng tseleng kapa che, molemong oa hore ba tsebe ho feta habobebe.
MASERU
Banna ba babeli ba tšoeroe ke Sepolesa ka La 28 Hlakola 2022 ka pelaello ea bosholu ba koloi. Ke monna ea lilemo li 40 oa Ha Mafefooane ea lulang Ha Abia le ea lilemo li 38 oa Kolo Sekameng ea lulang Ha Thetsane.
Tlaleho e supa ha koloi ea moetso oa Mazda CX e ile ea nkeloa mong’a eona e leng mosali ea lilemo li 35 ka lithunya nakong eo a neng a qeta ho kena ha hae ka La 27 Hlakola 2022 lipakeng tsa hora ea bosupa le ea borobeli bosiu. Ke moo e ileng ea tšoaroa nakong eo e emetseng hore leliboho la Maseru le buloe ba tšelele Afrika Boroa.
Lipatlisiso tsa sepolesa li sa ntsane li tsoela pele. Koloi e bolokiloe sepoleseng.
MAFETENG
Monna ea lilemo li 40 Khopolo ‘Lisuoa’ Kholuoe oa Ha Lumisi Mafeteng o hlahile kapele ho lekhotla la maseterata Mafeteng ka La 28 Hlakola 2022 a qosoa ka polao, teko ea polao le ho chesa ntlo. O emetse nyeoe a le litlamong. O tla hlaha lekhotleng hape ka La 14 Tlhakubele 2022.
Tlaleho e supa hore ka Mphalane 2018, lelapa le leng la Tajane le ile la hlaseloa ka lithunya moo ho neng ho bolaoe mosali ea lilemo li 49 eaba ho lematsoa monna ea lilemo li 56 le ngoanana ea lilemo li robeli. Babelaelloa ba bararo ba ne ba tšoeroe le ho hlaha kapele ho lekhotla. Ha Khopolo le ba bang ba ile ba tšola tlhako morong.
O ile a tšoaroa thibelleng ea sepolesa e neng ele Motsekuoa ka La 26 Hlakola 2022.
MAFETENG
Monna ea lilemo li 48, Mongali Chapi oa Lifelekoaneng Mafeteng o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Mafeteng ka La Pele Tlhakubele 2022 a qosoa ka polao ea mosali oa hae. O emetse nyeoe a le litlamong o tla hlaha lekhotleng hape ka La 15 Tlhakubele 2022.
Tlaleho e supa hore mesong ea La 26 Hlakola 2022, mora oa bona ea lilemo li 17 o ile a utloa hore hona le ho se buisane hantle ka kamoreng ea batsoali, e-ba sethunya sea lla. A potlakela teng, a fumana ntat’ae a tšoere sethunya, ’m’ae a oele fatse. E ba o mathela ha moahisane ho kopa thuso.
Mofu ke mohlahlami oa Mookameli lefapheng la Mautloela a naha (NSS) Qacha’s Nek, ha moqusuoa a sebetsa Mohale’s Hoek khoebong e rekisang thepa ea moaho.