LITLALEHO TSA SEPOLESA TSA LA 07/07/2026

THABA-TSEKA

Monna (38) oa Makhoatsing o matsohong a sepolesa ka pelaello ea polao ea mme oa hae (81); o lebeletsoe ho hlaha Lekhotleng kajeno la 07/07/2026. Tlaleho e supa hore ka la 14/05/2026 ka hora ea borobong bosiu, monna enoa o ile a khakhatha nkhono ka tšepe ha a ne a kena lipakeng ha monna enoa a ne a shapa bana a ba tsekisa hore na lebone la hae le hokae. Ke moo e itseng ha nkhono a mo khalema eaba eo o tjekela ka ho motsoali a mo khakhatha.

Nkhono o ile a nkeloa sepetlele Paray, a fetisetsoa QMMH, a boela a khutlela Paray moo a feletsoeng ke bophelo a le hona teng ka la 03/06/2026. Nkhono o ne a lokela ho bolokoa ka la 03/07/2026 eaba sepolesa se fumana monyenyetsi oa hore hona le nkhono eo ho belaelloang a khakhathiloeng le ho bolaoa ke mora oa hae ea seng a ntse a lokisetsoa ho bolokoa, ke ha se tla etsa ha li eme re botse; kaha joale setopo sa hae se lokela ho hlahlajoa pele se bolokoa.

’Melaelloa o tšoeroe ka la 01/07/2026. Re kopa sechaba ho se pate liketso tse tjena ha li se li hlahile.

MOKHOTLONG

Mosali (36) Makeketso Shampene oa Koakoatsi o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Mokhotlong ka la 03/07/2026 a qosoa ka ho pata tlhaho ea lesea.

Lekhotla le mo fumane a le molato eaba le mo ahlola lilemo tse tharo chankaneng kapa ho itefella M6, 000.00. Halofo ea kahlolo eo e ile ea fanyehoa.

Tlaleho e supa hore ka la 12/06/2026 Makeketso o ne a ile a beleha lesea la ngoanana eaba o le tsetela thotobolong. O ile a hlokomeleha hore ha e sa le mokhachane ha basali ba tla mo atamela eaba o tsetolla ngoana moo a neng a mo tsetetse teng. Sena o re o se entse hobane a ntse a e-na le ngoana ea monyane le hore joale o ne a mo entse le monna eo e seng oa hae ea seng a bile a kene pooneng ha a utloa hore mosali enoa o se a imme.

BEREA

Monna (55) Tšeliso Lebetsa oa Sekamaneng Berea o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Berea ka la 06/07/2026 ka liqoso tse peli tsa bosholu ba motlakase. O belaelloa ka ho kena-kenana le mithara oa motlakase khoebong ea hae e Sekamaneng Ha Rasta moo a sebelisitseng motlakase oa M63, 027.12; eaba Ha Motjoka Berea ntlong eo a neng a e hirile o sebelisa motlakase oa M4, 617.86 mahala.

Monna enoa o ntse a le litlamong, o tla hlaha ka lekhotle hape ka la 08/08/26 ho etsa kopo ea ho lokolloa ka beile.

LERIBE

Monna (34) oa Ha Mallane Ha Tšehlo o matsohong a sepolesa ka pelaello ea polao ea mosali oa hae (35).

Tlaleho e supa hore ka la 05/07/2026 ka hora ea bosupa mantsiboea monna enoa o ile a khakhatha mosali oa hae eaba ba ea namoloa.
Mosali o fumanoe a hlokahetse ka la 06/07/2026 a ntse a le likobong. ’Me ho hlahella hore monna enoa o ile a boela a shapa mosali ha ba se ba le ba beli ka tlung. Sesosa ke hore monna o tseka hore mosali o fihla bosiu hangata a bile a tahiloe.
Setopo sa hae se fumanoe se le matetetso, metopa le maqeba. O tla hlaha Lekhotleng ha lipatlisiso li phethetsoe.

MAFETENG

Monna (33) Ente Mothibeli oa Setenane o hlahile kapele ho Lekhotla la Maseterata Mafeteng ka la 06/07/2026 a qosoa ka ho hlekefetsa ka motabo mosali (47) oa Hospital Area.

Tlaleho e supa hore monna enoa eo eleng molebeli khoebong ea kalimo ea lichelete hona Mafeteng teropong moo a hlekefelitse lehlatsipa le neng le tsamaea le monna e mong ele bosiu ka la 28/06/2026, eaba ba fihla ba ema pela keiti ea khoebo eo molebeli enoa a sebetsang ho eona.

Ke moo a ileng a ba atamela a botsa hore na ba emetseng moo, eba molebeli o otla monna enoa ea neng a tsamaea le lehlasipa ha monna eo a khola phalo eaba o se a nka lehlatsipa a le hlekefetsa ka motabo.

Lekhotla le mo file beile ea M1, 000.00 le tiisetso ea M10, 000.00 tseo a hlolehileng ho li lefa. O emetse nyeoe a le litlamong, o tla hlaha Lekhotleng hape ka la 20/07/2026.

MOKHOTLONG

Sepolesa sa Mokhotlong se ntse se batla nyeoe ea moo mosali (22) oa Thabana Limmele a ileng a bolaoa ke monna oa hae(24). Tlaleho e supa hore ka la 04/07/2026, mosali o ile a tloha Tšoana Makhulo moo a seng a lula teng a ea moketeng Thabana Limmele.

Nakong eo a chaisang moketeng ka bo hora ea borobong bosiu, o ile a kopa motsoala oa hae (25) hore a mo felehetse ho ea hae.
Nakong eo a seng a le hae o ne a le katlung le nkhono oa hae (90) le motsoala ea neng a orile mollo a ikomosa; ha ho tla fihla ’melaelloa ea ileng a loantša motsoala a mo phekha ka sabole le ho mo khaola letsoho, ha eo a baleha, a tjekela ka ho mosali a mo kabaka ka sabole eo, a nt’o tšola tlhako morong.

Nkhono o ile a tsoa a hlaba mokhosi sechaba sa phalla. Sepolesa se fumane mosali ka maqeba a fetang 20 a mabe, o ne choatlehile lehata le ho soahlamana leoto.
Monna ea lemetseng le ho khaoloa letsoho o ile a fetisetsoa QMMH. Sepolesa se laela ’melaelloa ho itlaleha sepoleseng.