LITLALEHO TSA SEPOLESA TSA LA 02/06/2026

LITLALEHO TSA SEPOLESA TSA LA 02/06/2026

BUTHA-BUTHE
Ka la 26/05/26, basali ba babeli ba ha Shepheseli, ‘Mabalekiwe Sebolaoa (48) le Ntsekiseng Sebolaoa (28), ba hlahile Lekhotleng la ‘Maseterata ba qosoa ka ho khakhatha le ho roba monna (42) leoto ka tšepe. Ketsahalo ena e etsahetse ka la 22/04/26 hona Ha Shepheseli. Lekhotla le ba lokolotse ka beile ea sekete (M1,000.00) motho ka mong ‘me ba atleha ho e patala. Ba tla hlaha khotla hape ka la 09/06/26. Tlaleho e supa ha sesosa sa ntoa e le hore molli o ne a ile a rekeloa joala ke monna oa moqosuoa oa pele, ‘me moqosuoa ha a ka khotsofalla taba eno, ke ha ntoa e tla qhoma.

BEREA
Banna ba babeli, Mokatsanyane Lematla (57) eo e leng setho sa Sepolesa se phomolong oa Maputsoe ha Maqele le Kali (Maseko) Nkaota (40) oa Fobane ha Tumo, ba hlaile Lekhotleng la ‘Maseterata Berea ka la 01/06/26 ba qosoa ka ho ruoa lithunya le likulo ka thoko ho molao. Lekhotla le ba fumane ba le molato ‘me la ba ahlola ho hoehla chankaneng lilemo tse 5 kapa ho itefella M5000.00 eo ba atlehileng ho e patala. Ba ne ba ile ba tšoaroa ka la 29/05/26 ba le kahar’a toropo ea Berea, ka morao hore sepolesa se longoe tsebe hore ho na le banna ba hlometse, ke moo sepolesa se ba fumaneng ba e na le lithunya tse 3 tsa moetso oa 9mm le likulo tse 52 ka thoko ho molao.

THABA-TSEKA
‘Matakatso Leteketa (41) oa Lihloaeleng Mantšonyane o hlaile Lekhotleng la ‘Maseterata Thaba Tseka ka la 27/05/26; a qosoa ka ho chesa ntlo le tšenyo ea thepa. O emetse nyeoe a le ka setsing sa tlhabollo ea batšoaruoa. O tla hlaha hape khotla ka la 09/06/26. Tlaleho e supa hore moqosuoa o bile le qoaketsano le ‘M’e oa hae, a bontša hore eo ‘Ma’e o mokolota chelete e M1200.00. Ke moo ka la 23/05/26 ha moqosuoa a ne a setse a le mong moo lapeng habo, a ileng a chesa ntlo ea bo ka sepheo sa ho utloisa ‘Ma’e bohloko.
Ka la 29/05/26, Mosebo Moketa (31) oa ha Phaila Tsaba-Tseka o hlaile Lekhotleng la ‘Maseterata Thaba-Tseka a qosoa ka ho choatla ntlo, le tšenyo ea thepa. Lekhotla le mofumane a le molato joalo ka ha a qosoa. Qosong ea pele lekhotla le mo ahlotse ho hoehla chankaneng lilemo tse 4 kapa ho itefella M4000.00, qosong ea bobeli a ahlola lilemo tse 6 kapa ho itefela M8000.00. O hlolehile ho itefella. Tlaleho e supa ha ka la 28/05/26, moqosuoa a ile a qheketsa ha moamani le eena (ausi’ae), tsena li etsahetse motseng oa Mohlakeng. Moqusuoa o tlalehoa a ile kena ka tlung a nto’o choatla sehatsetsi le otoropo. Tlhaloso ea moqosuoa kehore eena o ne a itaoetse ‘me ha tsebe letho ka ketsahalo eo.

MASERU RURAL
Monna ea lilemo li (34) oa ha Mosamo ha Mokhalinyane, o emetse nyeoe a le ka setsing sa tlhabollo ea batšoaruoa kamor’a ho hlaha lekhotleng la ‘Maseterata Maseru ka la 29/05 26; a qosoa ka ho ntša motho likotsi tse mpe le tšenyo ea thepa. Lekhotla le motimme beile ‘me o se a tla hlaha hape khotla ka la 10/06/26. Tlaleho ea sepolesa e supa ha ‘melaelloa a ile a ba le qoaketsano le motho oa mosali ba le ntlong ea thekiso ea mothahane hona ha Mokhalinyane, ea re ha morekisi a kena lipakeng ‘melaelloa o oa mosuthumetsa eo a robeha leoto. ‘Melaelloa a nto’o tsoelapele ka ho choatla thepa ea ka bareng e kenyeletsang computer, k’haontara le tse ling.